Book contents
- Frontmatter
- Dedication
- Selelekela
- Introduction
- Tse eteletseng pele
- Dibapadi
- Karolo ya Pele
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bobedi
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Boraro
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bone
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bohlano
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
Lebala la Pele
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
- Frontmatter
- Dedication
- Selelekela
- Introduction
- Tse eteletseng pele
- Dibapadi
- Karolo ya Pele
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bobedi
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Boraro
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bone
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
- Karolo ya Bohlano
- Lebala la Pele
- Lebala la Bobedi
- Lebala la Boraro
Summary
Ka tlung ya Bulane. Banna ha thusanang le yena ba se ha fihlile mme ba a bua, ba a qoqa.
Hlabakwane: Re ne re ka nna ra thuseha, empa e seng ka mokgwa o tjena. Hona jwale ke bona hore le tsipa sehole mosebetsi oo re o filweng ke badimo, e ne e ka nna ya o phetha.
Marailane: O bolela hore re thusitswe keng he?
Hlabakwane: Hana wena ditaba ha o tsebe ho di shebisisa hantle. O hloka kelello ya ho utlwisisa seo diketsahalo di se supang!
Marailane: Se ka phoqa, bua hantle re utlwe hle!
Hlabakwane: Ha o tsebe hore na ho etsahetseng matsatsing aa?
Marailane: Kae?
Hlahakwane: Fatshe mona. Tsa hodimo o ka di tseba jwang?
Marailane: O bolela mabapi leng?
Hlabakwane: Mabapi leng? Ha o tsebe hore na re kopantswe keng moo? Kapa o re Bulane o o memetse ho tla qamota feela moo? Ke hobane batho ba lona ba sa ka ba shebana le mosebetsi o moholo wa ho fetola dipelo tsa batho.
Marailane: Ke ne ke thusa le nna.
Hlabakwane: Mothusi wa bosawana ya sa tsebeng le tse etsahetseng hona jwale, le ha di amana le seo a neng a thusa hore se etsahale!
Marailane: Oho, ekaba o bolela ho hlokahala ha mofumahadi mmamorena.
Hlabakwane: Ke bolela hona. Ho wena ke a bona ha se bile ha se taba e kgolo ha e le moo o batla hore o be o e hopotswe.
Marailane: Ke taba e kgolo. Mang le mang o a tseba ho entseng hore morena a hlore haholo moyeng, hoo batho ha bangata ba nahanang hore a ka nna a hlanya kapa a kula, a shwa le yena.
Hlabakwane: Ha o bone hore taba eo e thusana le morero wa rona wena?
Marailane: Tjhe, ha ke bone e thusana le morero wa rona. Ho bolela nnete, nna nka re ke taba e hlahang morero wa rona ka pele.
Hlabakwane: Jwang?
Marailane: Tjena: Lefu le a tshabeha, le a tshosa. Lefu le re hopotsa kaofela hore re ka tlasa lona. Le re hopotsa hore ke sera sa rona bohle; le re hopotsa hore re batho kaofela; le re hopotsa hore kaofela re lwantshana le lona, re bahlabani ba thusanang. Lefu le a re kopanya. Le ha re le dira, lefu le a re bokella mme pela lebitla re utlwelana bohloko.
(O a tholathola)
Hlabakwane: Bua bo, ke sa mametse.
- Type
- Chapter
- Information
- Senkatana , pp. 81 - 89Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1952