Pampiri
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
LEHA o e raha seterateng; leha o e lahlela thotobolong kapa o e tjhesa, o hotetsa mollo ka yona, kapa o phuthetse nama ka yona; leha o hlakola matsoho a hao mafura kapa dioli kapa dikirisi; ke re esita leha o e fanyeha ka ntlwaneng ya hao kapa o etsa eng ka yona, oho, ngwaneso, o nne o e hlomphe, o e tshabe, o e tshware ka matsoho a thothomelang. Ka nnete ha o ena le hona ke ne ke tla re o e hlabele leha e le tsuonyana feela. Hobane e matla haholo leha e bile e fokola, e taboha habonolo, e koloba kapele, e etjha jwalo ka hlaha ya mariha mme e phutheha habonolo jwalo ka lelapi.
Matlohadi a maholo a sekgowa a na le motheo wa samente o thata, mme kahare, ha a le maholohadi, a na le ditshiya. Esita le a mang a mohlongwafatshe a na le sefate se epetsweng hare hore e be yona tshiya. Mme ha se matlo feela ao ho hlokahalang hore a be le motheo kapa yona tshiya. Dintho tse ngata di jwalo, ke re yona tswelopele ena ya sekgowa e bitswang Western Civilisation ke beng ba yona. Le yona e na le tshiya tsa yona, e leng yona pampiri ena. Fedisa pampiri feela o tla bona tswelopele eo e wela fatshe jwale ka dithako. Beng ba yona ba mmankgonthe (e seng bana ba maiketsetso ba re hlodiyang mehla ena, ba ntse ba itshwanela le nna le wena ka ho se utlwisise tswelopele eo), beng ba yona ba mmankgonthe ha ba e hlalosa o ka utlwa ba bua ka hore e emela menahano le ditsela tse itseng mabapi le moya wa motho le botho ba hae. Empa ha o shebisisa o tla fumana hore ditsela tsena le menahano ena ha se tsa kajeno le kajeno feela, tse ding ke tsa kgalekgale. Hape ha se tse tswileng hlohong ya motho a le mong. Tjhee, ke ditholwana tsa masimo a lemilweng ke banna le basadi ba bangata, ka dinako tse fapaneng. E mong a leme temanyana ya hae mme ere ha lefu le fihla a be a se a ngotse fatshe tsohle tseo a ithutileng tsona.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 55 - 60Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962