Lenyalo
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HO na le dintho tse tshehisang mme e nngwe ya tsona ke ha baholo ba mohlankana le ba morwetsana ba kopana, ho tlilo kopuwa mohope wa metsi. Ntata morwetsana o se a ntse a tseba hore na baeti bana ba tlile ka dife mohlomong le mora bona e see le dikgwedikgwedi a mmona a tjhakela ha hae, a mpa a sa tjhakela yena kapa bara ba hae. Mohlomong le mongolo wa hae o se a bile a o tseba ka hobane mangolo a fihla mehla ena, a etla ho yena moradi wa hae. Mohlomong yena le mohatsae ba ne ba se ba e buile taba ena ya mohlankana enwa mme mmamorwetsana a ba a bua le morwetsana ka taba ena. Mohlomong ba ne ba se ba le matswalong ha ba bona dibeke di fetoha dikgwedi mme dikgwedi di fetoha selemo, ba bona eka moshanyana enwa o tlilo senyetsa ngwana bona sebaka feela. Kajeno ke bana ba tlile mme re fumanang?
Mma morwetsana o nyakaletse haholo feela mme o se a emetse feela ho utlwa hore na bohadi bo bokae, a tle a tsamaye a bolella basadi ba bang motseng kamoo moradi wa hae a nyetsweng hantle kateng, mme bao le bona ba tle ba tsebe ho omanya baradi ba bona ka taba ena, e sa le e le: “Ngwana ke tlatsetlatse enwa! A ke ke a nyalwa ka mashome a mabedi a dikgomo jwale ka Dimakatso” Le ho morwetsana ho jwalo feela. O thabile ka pelong hobane le yena kajeno e se e tla ba mosadi, o se a tla shejwa ka tlhompho ke batho; o phemile lebitso le mona le tshajwang haholo ke barwetsana ba Basotho; lefetwa. E, kajeno morwetsana o ikutlwa eka motho ya kenang lehodimong. Hoba ho bona lenyalo ha se hlile ha se qaleho ya bophelo bo thata, bo batlang mosebetsi. Ho bona lenyalo ke qetello ya bophelo bo thata, b bo sa batleng mosebetsi….ho fumana monna.
Empa ramorwetsana yena o fetohile. O hloname. Ba habo mohlankana leha eba e ntse e le batho bao a ba tsebang, kajeno o ba tshwere jwalo ka batho bao a qalang ho ba bona. Kajeno o bua jwalo ka morena.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 100 - 106Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962