Tjhelete
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
MAOBA mona ke ne ke nahana taba e kgolo e ileng ya ba ya ntshehisa ke le mong. Ke ne ke tshwere tjhelete e hlileng e leng ngata haholo, ke e kenya mokotleng. Ha ke qeta ka tswela seterateng ka itsamaela. Ke a kgolwa ho ba ntjhebileng ke ne ke ntse ke itshwanela le motho e mong le e mong ya fetang. Ba ne ba sa tsebe hore ke jere makgolo a mararo a diranta – ke hore mashome a supileng a metso e mehlano a dikgomo – mokotleng wa ka [ka boleng ba tjhelete nakong eo!. Hobane ke seo tjhelete e hlileng e le sona. E emela dikgomo, dinku, dipere, dikgoho, lebese, dipodi, mahe – ntho tsohle feela tseo o ka di rekang ka yona. Empa ha se hangata re nahanang taba ena, re se re tlwaetse tjhelete. Ako nahane hore na e ka be e le bothata bo bokaakang hoja motho o ne a etla bankeng a kganna dipholo tsa hae, a fihla a re ba mo bolokele tsona! Ba ka be ba di boloka kae, di fula eng, ba di alosetswa ke mang, di sebetsa kae, di alafuwa ke mang ha di kula, ha di hlabile e nngwe e shwele ba reng; ba ka be ba di tshwaile jwang hore ba tle ba tsebe tsa hao ha o di batla (hobane o ne o sa tlo dumela ho fuwa mekojwana ya motho e mong ha tsa hao o tseba hantle hore e ne e le dikgomo tse phelang hantle!) Hona na o ne o ka di fumana kapelepele ha o di hloka mme wa se ke wa tshwanela ho palamela kaekae meraka moo di fulang teng? E ka be e le mofutswela feela, ngwaneso.
Empa tjhelete yona ha e jwalo. E emela tsohle.
O e jara habonolo ho e isa bankeng; ha e boloka habonolo mme ba e sebedisa hobane ba tseba hore mohla o e batlang ha tla nne ba o fe tjhelete e lekanang hantle le ya hao leha mohlomong e se yona yane ya hao; ha o e batla neng kapa neng o ntse o e fumana (ha e se mohlomong ha o batla diketekete) Ha e shwe, ha e bole, ha e hlabane le e nngwe jwale ka dikgomo, e nkeha habonolo.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 93 - 99Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962