Tselatshweu
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HO tshepisa motho hore o tla mo kgahlanyetsa seteisheneng, ke taba e monate haholo, haholoholo ha eo o mo tshepisang e le ya dutseng pelong ya hao, ke hore eo e leng moratuwa wa hao. Mme ho monate hakaakang ha o bile o tseba hore kantle ho wena a ke ke a tseba le ho tswa seteisheneng sa toropo eo e kgolo feela, o tseba hore a ka lahleha? Ho bile ho bohloko jwalo feela ha o fihla teng o fumana hore moeti eo wa hao ha a a tla; ho bohloko le ho feta ha e le moratuwa, empa ho bohloko ka ho fetisisa ha o tseba hore kantle ho wena a ka lahleha. Ho bohloko hobane jwale o kgokgothetswe, o sitwa ho tloha. Empa ha ho bohloko hakalo hobane o a rata, o ntse o tshepa, o nahana hore ha a fihla o tla re: “Ka tla ka ema he!” Mme ebe o a lebohuwa, kapa o nyemotswa feela, ho ya kamoo moratuwa eo a leng kateng. Letsatsi mohlomong le tla be le dikele o ntse o senne moo. Empa leha le ka dikela ha ho etse letho, hobane o tla be o bone tsa seteisheneng jwalo ka ha nkile ka iponela mona Kgauteng ka tsatsi le leng.
“Dumela hle, Mmamaswabi!”
“Bonang ntata Maswabi, batho! Wa tla wa ota bo? Keng, ha o kule?”
“Na ke otile hakalo, mme, e seng ke tlholohelo? La ya le ile!”
“Ao, wena ha o sa dumedisa le ngwana leha a ntse a o dumedisa?” Yaba hona a elellwang hore ngwana ya pepilweng o ntse a re:
“Tate, tate!”
“Dumela hle, ngwana ka. Motho a tla a hola, batho! Empa keng ha le le batsho hakale? E seng le ne le pjatla letsatsing haholo?”
“O a se tseba le wena sa Lesotho kwana serame. Se se se simolotse ka matla, mme ha letsatsi le futhumala re itlholla ho lona….”
Ah, ‘Lesotho, fatshe la bontata rona’; ke bona moo baeti bana ba hlahang teng. E letse e tjhutjhutsa ka bona tjhutjhumakgala, e hopotse mona Lejweleputswa. Ba fetile metse eo o e tsebang…. Meqheleng, Mashaeng Betleleme, Maokeng. O qala ho nahana dithota tseo ba fetileng ho tsona, dithaba tseo ba tsamaileng ba di bonela hole mane, di le tshweu ditlhorong tsa tsona.
“Le palame neng?”
“Maobane ka nako tsa tinare.”
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 32 - 38Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962