Lewatle
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HA tsela e ikgara jwale ka noha, e theosa, e potela le matswapo, e monyoha le hara meru, mme e le hohle, pele mane ho bonahala metsi a maputswa a lewatle jwalo ka tutuduhadi; le tsohle tse pela hao di bonahala di tletse nyakallo e jwalo, esita le wona motorokara ona o neng o se o tjhesa ka ho duma eka jwale o se o bina, ha o sa duma, o se o hana le ho ema hobane leha ore o a o kginao ntse o nkile ka sekaja feela; ha terene eo o etang ka yona e se e sa utlwahale ho duma, e se eka ke pere e hlahlileng mahlo mme ha e lla eka e bolela thabo e ka pelong ya yona -ha tsohle tsena di etsahala o utlwa pelo ya hao e tletse kgotso le thabo le nyakallo hobane o tseba hore o hlotse, o hlotse tsela, o fihlile moo e fellang, tsela eo e leng kgale o ipotsa hore na ha e potela ka thaba kapa thota kapa leralla, e fella kae. Kajeno o a tseba, o e hlotse.
Ha o felle feela hara toropo eo. Tjhee, o fetela pele, o batla hore o be o fihle moo tsela tsohle tsa motse di fellang teng. O fetela lebopong. O ema teng ka ho makala. O fumana o eme hodima Lehlabathe. Maotong a hao mona metsi a ntse a atamela a bile a kgutlela morao jwalo ka ha eka a a bapala, a a phela. A entse lerata le leholo mme a ntse a etsa lekweba le lengata feela ha maqhubu a thueha lehlabatheng. Mme ha a ntse a thueha jwalo a mathela lehlabatheng a tlisa dintho ka dintho dikgetla tse nyenyane, le tse kgolo, tse ntle haholoholo le tse tshabehang ka ho fetisisa, diphoofotswana tseo o qalang ho di bona, tse balehisang mmele wa hao, esita le tsona ditlhapi ka mefuta ya tsona. Hoba lewatle le jere bothata!
Hare mane o bona maqhubu a ikentse mangotswanangotswana a mangata a tsamayang, a ntseng a tlilo fella mona maotong a hao. Empa mangotswana a matle, a reng talaa! Mona le mane ho bonahala dinthonyana tse tshweu tse jwale ka dipodi thabeng ha di le tshweu hantle, boya ba tsona ho hlatswitswe ke pula,- ke lekweba le etswang ke maqhubu a mang a ntseng a thulana a fella hona moo.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 76 - 79Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962