Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-8kt4b Total loading time: 0 Render date: 2024-07-07T03:38:41.723Z Has data issue: false hasContentIssue false

Dimela

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

HO thata ho utlwisisa nnete ya puo ena e reng motho a ka ba le mahlo a mpa a se ke a bona. Empa ho jwalo. Ha ba bakae ba nahanang hore dimela di a phela. Ha re nahana dimela tse phelang, eya be e le ha re nahana dimela tse kang poone kapa mabele leha e le meroho eo re e jalang masimong a rona. Empa le teng ha re re di a phela, re a be re bolela hore di a mela. Leo e hlile ke lona lentswe leo re le sebedisang haholo, hobane ho phela ha dimela ho rona ha se ho phela ho tshwanang le hoo re ho bolelang ha re re motho o a phela kapa phoofolo e a phela. Re ho nka ho fapane. Mohlomong ke hobane di sa tsamaye, di sa lle, di se na mahlo, ditsebe, melomo, jwalojwalo.

Kwana e ntse e le hantle hore re se ke ra di hopola di phela jwalo ka rona, di ena le hona ho utlwa bohloko. Ho ja re di sheba jwalo, o re ekaba ho ka be ho le teng mosadi ya hleng a nke thipa mme a kene tshimong ya hae a kge dihaba kapa dinawa a sa thothomele? Ba bangata ba ka be ha hana jwale ka ha ha hana ho hlaba kgoho. Ke ofe mohlankana ya neng a tla kenya palesa baking ya hae a ilo fereha? O ne a tla hanwa, ho thwe o sehloho, ha a na pelo ha e le moo a bolaile palesa! Ho kga sehaba sa eie ho ka be ho tshwana le ho ntsha sephaka sa nku e ntse e phela, mme o e tlohella hore se tle se hlomele hape. Re ka be re hloka moo re tsamayang kapa moo re paqamang ke ho tshaba hore re ka tloha ra utlwa jwang ho se ho re: “Itjhuu! O a mperella hle, wena motho!” Re ka be re se re ena le mokgatlo o qosang ba tshwereng dimela tsa bona hampe.

Empa nnete ke hore di a phela, jwale ka nna le wena. Di a phefumoloha le hoja di se na Matshwafo. Hoo ha ho tshose hobane le ditlhapi ha di na ona empa di ntse di nka moya o motle mme di ntsha o mobe.

Type
Chapter
Information
Pelong ya Ka , pp. 88 - 92
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1962

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×