Bodutu
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
E ne se e le mariha ka kgwedi ya Mmesa, ke hore ha ho qala ho bata ka nnete. Ke ne ke tsohile hoseng hona tsatsing leo leha e ne e le letsatsi la phomolo, ke hore le leng la ana ao bana ba rona ba seng ba a bitsa diholetei. Ke ne ke itokiseditse ho tjhakela motswalle wa ka motseng wa Thwathwa. Ha ke kena ka tereneng ka batla ke tlolela hodimo ha ke kopana le Diphapang, e mong wa bashemane bao ke hotseng le bona. Ke ne ke tlodiswa ke hobane ho ne ho se ho se ya tsebang moo a leng teng. E ne e se e le lekgolwa.
“He, banna, ka nnete mehlolo ha e eso fele! Ekare moo ke seng ke bolailwe ke bodutu ba ho eta ke le mong ka tereneng kamoo ka tla bo tloswa ke wena hara batho?”
“Ke moo, ke moo he, ntjhanyana. Wa tla wa hola bo! Bona ditetswana! Ka nnete mme Mmadiphapang o sa tla makala mohla a o bonang. He, monna, o ke o etse o eyo hlaha hae hle…!”
“Ke re ke etsang? E seng nna. Ke ne ke ikane ka re “haeba’,’ mohla ke palamang ha ke ne ke etetse teng.”
“A ngwana ya kgopo! Dihoro o ne a phakise a o hlalosa jwalo a eso o bone hantle. O ne o ikanelang he?”
“Wena o re ho monate ha o fumane bekenyana tse pedi tsa phomolo, mme bakeng sa ho phomola o bolawe ke bodutu?”
Ra tsheha; ra qoqa hamonate, ra hopola tsa kgale ha re sa le bashanyana, nako ya feta kapele, le terene ya ba ya batla e feta ka nna.
“Tsamaya hantle hle, Diphapang. O se ke wa ipata tjena hle, monna.”
“Ao, jwale o ntshiya le bo fetang bodutu. Sala ka kgotso, weso!” Ya rutla mafofonyane, ya feta. E ne eka ha ho batho tlong eo ke yang ho yona.
Motswalle wa ka a tshoswa ke ha a utlwa ke se ke kgalemela ntja ya hae e neng e se e rata ho hlahisetsa borikgwe ba ka ba Sontaha tsietsi. Ha ke mmotsa hore na o robaletseng motshehare motshehare o kalo, a mpolella hore, kaha a setse a le mong hae o ne a tshaba hore o tla bolawa ke bodutu. Ka qala ho makala le ho nahana bodutu.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 12 - 15Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962