Botho
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
BOTHO ba motho ke ntho e ipatileng, leha e le ntho eo re ratang ho e tseba. Re batla ho bo tseba hobane ha re bo tseba, re tseba ho sebetsana le beng ba bona ka matswalo a kokobetseng. Ha re ne re bo tseba, re ne re tla tseba hore nnyeo ke senokwane, kapa semanyamanyane ke leshodu, ba eso re etse hampe. Re ne re tla utlwisisana mme diphapang tse ngata di ne di tla ba siyo. Ke hore re ne re tla hloka dintwa malapeng, dintwa metseng, dintwa mahareng a ditjhaba. Mme hoo ke e nngwe taba.
Na o ke o utlwe hore ho monate jwang ha motho a qoqa, a bolela kamoo a ileng a ba matswalong kateng hobane a ne a sa tsebe hore na monga ntho eo a e sentseng o tla reng? Kapa e mong a re: “Ke ne ke ithetsa ke re Mpho ke a mo tseba. Athe ha ke tsebe hore ke mo hlahile kahosele tsatsing leo. Ka kopana le dipela di falla,” kapa, “Matlakala ba mo loile ka nnete. Ha ho ka nnqe nngwe. Wena o re o ka sebetsana le motho dilemolemo tse ngata tsena, le adimana ka dintho, kapa le nka feela leha monga ntho a le siyo, ebe kajeno o se a rutloloha feela, a bile a o thekgetsa ka molamu hobane o nkile kgarafu ya hae a le siyo, empa o hlola o nka mohoma wa dipholo? Ke boloi.”
Tsena kaofela di a etsahala. Di bohloko ha di etsahala. Di monate ha di phetwa. Di bohloko, di monate, di natefisa bophelo hobane di a bo tswaka. Kantle ho tsona bophelo e ne e tla ba ntho e tenang, e hlokang motswako, e senyekgenyekge. Empa hoja botho ba motho ke ntho e pepeneneng, moo e bonwang ke mang le mang, di ka be di sa etsahale. Ke mang ya neng a tla hata noha mohatleng a tseba hore o etsa jwalo? Noha e hatwa mohatleng ka phoso, e hatwa motho a sa tsebe hore e teng jwanng. Motho o teana le dipela di falla ka tsietsi. Ha o tseba hore sepoko se teng mabitleng kamora hora ya leshome bosiu, ha o fetefete moo, o feta ha eba o tlamehile.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 5 - 11Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962