Phetoho
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HARA dintho tse hlorisang motho ho na le e nngwe eo re e bitsang tlholohelo.
O ke o utlwe motho a re, “Ke hlolohetswe haer’
Mohlomong a be a dihele tekete makgoweng moo a thotsweng teng, a hopole hae, a bone hore a ke ke a emela dibekenyana tse pedi tseo a di fuwang ka selemo hore a phomole. O a be a sa iketse, o a be a hlolohetswe hae. Ho a lokela hore ho be jwalo ho e mong le e mong ya hodileng hantle, ya ntseng a ena le tulo pelong ya hae, tulo eo ho yona ho renang tulo e le nngwe feela: ha habo. Ho lehlohonolo ba ratang tulo tseo ba holetseng ho tsona ka lerato la sebele, hobane hoo ke bopaki ba hore ba phetse bongwana ba bona e leng e nngwe karolo ya bophelo ba bona, hantle, ka thabo le nyakallo. Mme ke efe karolo e fetang ya bongwana ka monate? Ho madimabe ba hloileng tulo tseo ba tswaletsweng ho tsona, tulo tse ba hodisitseng, hobane hoo ho bolela hore ba hloile bongwana ba bona.
O dihetse tekete he, mohaeso. O nkile tekete ya terene mme o se o tlamme thotwana ya hao. Sefahleho sa hao se edile, o a tseba hore hosasa kapa kamoso o tla be o le hole, ha eno moo e sa leng o tloha neng? Kgale. Mohlomong o ne o qala ho tloha hae mme o qala ho kgutlela teng kajeno.
O ntse o bososela feela ha o hopola hore hosasa o tla be o bona phula tsa heno, o tla be o le motseng wa heno, o tla be o le hara batho bao o hotseng pela mahlo a bona, o tla be o le hara bahlankana le barwetsana bao o hotseng le bona. Bosiu bohle ka tereneng o lala o nahana tsena, le boroko ha bo fihle hantle.
Qetellong terene e a lla o bokella morwalo wa hao hobane seteishene seo e kenang ho sona ke sa heno. Ke neng o se bona pelong ya hao? Jwale nako e fihlile pelo ya hao e qala ho otla kapele. Terene ke eo e a kena. Lebitso la seteishene ke leo.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 39 - 44Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962