Boqheku
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
HA re sa le banyenyane re atisa ho itshwenya haholo ka tsa hosasa, ka tsa isao, ka tse tlang. Re lakatsa ho hola, ho ba banna le basadi ba nang le malapa a bona. Re shebile pele feela, ha re batle ho hetla hobane kamorao tema e sa le nyenyane haholo, ha ho letho le entsweng. Ha se feela ngwana a ratang ha ho thwe” “ntatemoholo” kapa “nkgono.” Hona ho mo thusa ho atamela dilemong tseo a di ratang, moo mahlo a hae a lebileng teng. Empa ha bophelo bo atamela qetello ya bona, re qala ho hetla, re sheba moo tema e leng kgolo teng, re lakatsa ho boha mesebetsi ya rona; re tswafa ho sheba pele, ho bona moo kgohlo ya moriti wa lefu e re emetseng teng hobane re tseba hore e se e le haufiufi. Re lakatsa ho kgutlela bongwaneng ha boqheku bo fihla.
Ha se takatso feela kwana. Re hlile re kgutlela teng ka tsela tse ngatanyana. Re qala ho fokola mmeleng. Mesifa e neng e le matla, dipotongwane tse neng di boheha, dikintlahadi tsa melala, ditlhafutlhafu, tsena kaofela di a nyamela mme ho sala ho paka letlalo feela ka ho sosobana hore le kile la ne le kwahetse ntho di se kaa ka letho leha jwale ho se ho itshwanela le ho ngwana. Motho ha a re o a tsamaya e see ka ngwana, o se a itataisa; ha a thetswa feela e se e le phepherephere; ha a re o tlola terata kapa o hlwa lebotanyana bothata e hlile ke bona ba bongwaneng feela. Ha a re o a ja o tshwara bothata, dijo di se di rata homo kgama hobane ka molomong ho se ho le phollatsi feela. Ha a kwenya ho ntse ho re kwiditi, kwiditi! Metsi a tshwanetse ho ba haufi hore a tle a tsebe ho theosetsa leqa le ka nnang la rata ho mo dula mmetsong. Lentswe le se le fokola, mahlo ha a sa bona hantle, mohopolo o se o fokola le wona.
Empa a ko ba etele ba ntse ba le jwalo, ngwa neso; o tla sibolla pale eo o ke keng wa hlola o e lebala le ka mohla o le mong, pale e tla o tshehisa haholo ka metsotso e meng; e, e tla o hlomola pelo ka e meng, e o sekise meokgo mahlong.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 107 - 111Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962