Nako
Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Summary
NAKO e a tsamaya, ha e a ema. Ha e ntse e tsamaya le dintho di ntse di fetoha jwalo feela, ha di a ema nnqa e le nngwe. Mehleng ya pele batho ha ne ha etsa mesebetsi ya bona ba sa tata, ba mpa ba habile ho e phetha. Ha ba phakisa e ne e le ho etsetsa hore pula ha e ena ba be ba se ha qetile ho lema, hore poone kapa mabele a tle a mele kapele mme a itlhahanele, a se ke a tshwarwa ke serame. Ho feta mona ho ne ho se ho jaha ho hong. Ha o sa tswella ho ya leetong la hao kajeno hobane pula e tsoha e ena ho ne ho sa re letho hobane o ne o tla nne o ye hosasa kapa kamoso.
Empa kajeno? Kajeno ditaba di fetohile. Kajeno tsohle tseo re di etsang re di etsa re tatile, re itlhahanetse. Re sebetsa re jahile leha re sa tsebe hore na re jahetse kae. Re a ipolaya ka hona ho jaha hona, re tletleba mehla ena ka hore re sitilwe ho etsa hore le hore kajeno, jwalo ka ha eka tsatsi la hosasane ha le sa tla ba teng. Ka ho hlola re jahile hakana re ikgutshufaletsa bophelo, re shwa re sa le banyenyane hobane re leka ho etsa ka kgwedi mesebetsi e lokelang selemo. Ha re sa phela halelele jwalo ka baholo ba rona ka lona lebaka lena. Empa rona ha re elellwe, re nahana hore bophelo bo mpa bo kgutshufala feela tjena. Hona ho boetse ho etsa hore re jahe hape hore re phethe mesebetsi ya rona re eso fihle qetellong ya bophelo ba rona. Re bona hore nako e kgutshwanyane ho lena lefatshe, mme bohle re bua ka hore ha re na nako! “Ha ke na nako!” Polelo ena e sebediswa e le ka nnete, haholoholo metseng e meholo, hoo o ka bang wa bona hore ka nnete ka nako e nngwe re e sebedisetsa ho kwahela mashano a rona kapa ho kwahela moo re sa batleng ho bua nnete hobane re tseba hore e tla hlaha motho o a fihla, o phathahane o tlilo kopa thuso ho wena.
- Type
- Chapter
- Information
- Pelong ya Ka , pp. 45 - 49Publisher: Wits University PressPrint publication year: 1962